Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:24 - BIBELE

24 Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jonathane, moreso, ke pelotlhomohi ka wena, ho nna o no rateha hakaakang! Rato la hao ho nna e ne le mohlolo, le la basadi le a shaitsa.


Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.”


Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?”


Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.


Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.


Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ