Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:18 - BIBELE

18 Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Lotho e fedisa dikgang, e arola le tsa ba baholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:18
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.


Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.


Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng.


Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


Moqosi ha a bua ka kgotla e ye e ke o bua nnete, ho fihlela ha moqosuwa a mo hloma dipotso.


Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane.


Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Saule a re ho Morena Modimo wa Iseraele: “Ke hobaneng, kajeno, o sa kang wa araba mohlanka wa hao? Haeba ke nna ya phoso, kapa ke mora wa ka Jonathane, oho, Morena Modimo wa Iseraele, ahlola ka lejwe la Urime; athe haeba ke setjhaba sa Iseraele se phoso, teng o ahlole ka lejwe la Thumime.” Lotho la supa Jonathane le Saule, mme setjhaba sa lokoloha.


Saule a re: “Kgetha ka lotho pakeng tsa ka le Jonathane, mora wa ka.” Lotho la supa Jonathane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ