Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:15 - BIBELE

15 Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Pelo ya motho ya nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale di sela yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona.


Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Ba bohlale ba ipokellela tsebo, empa polelo tsa sethoto di isa timelong.


Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.


Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Iphumanele bohlale, iphumanele kutlwisiso, se lebale polelo tsa ka, o se di kgelohe;


Bo kahodimo ho tsohle, iphumanele bona, ka tsohle tseo o nang le tsona, o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.


Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.


O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.


Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ