Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:24 - BIBELE

24 Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:24
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.


Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.


Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.


Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.


Ya tshwanang le mohlalefi ke mang? Ya tsebang ho hlalosa dintho ke mang? Bohlale bo edisa fahleho sa motho, ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.


ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ