Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”
Ke ka hona ke le ngoletseng lengolo leo. Ke ne ke sa rate hore ha ke etla ho lona ke tlo swabiswa ke bona batho ba tshwanetseng ho nthabisa, hobane ke tseba ka ho tlala hore thabo ya ka ke ya lona bohle.