Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:2 - BIBELE

2 Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:2
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya bokellang dijo hlabula ke ngwana ya bohlale, ya robalang ha ho kotulwa o hlabisa dihlong.


Ya hlorisang lapa la hae a ke ke a rua letho, sethoto se tla fetoha kgoba la ya bohlale.


Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.


Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang.


Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.


Ya shapang ntatae, a phaladise mmae, ke ngwana ya hlabisang dihlong, ya tlontlollang.


Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.


Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ