Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:15 - BIBELE

15 Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:15
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.


Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu.


O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.


Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona.


Ha ho molemo ho bontsha leeme ho ba kgopo, ebe o sitisa ya lokileng ho ahlolelwa ka toka.


esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.


Ntho di tsheletse, tseo Morena a di hloileng, e, di supile tseo e leng manyala ho yena:


Ho madimabe ba reng bobe ke ho loka, ho loka ke bobe, ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi, ba reng ho babang ho monate, ho monate ho a baba.


ba lokollang ya molato ka baka la tjotjo, ya se nang molato yena ba mo hlokele toka.


ho hanela motho ka tokelo tsa hae, ha motho a le kapela Ya Hodimodimo;


Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?


Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng.


Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!


Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.


Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka.


“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.


Le ahlotse ya lokileng, le mmolaile, mme ha a a ka a itwanela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ