Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:14 - BIBELE

14 Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:14
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale banna bohle ba Baiseraele ba tla ho kgosi, ba re ho yona: “Ke ka baka lang ha bana babo rona, e leng banna ba morabe wa Juda, ba ile ba nka kgosi ka lenyele, ba e tshedisa Jorodane, hammoho le ba lelapa la yona, le banna bohle ba Davida?”


Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano.


Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona.


Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.


Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.


Bohlale ba motho bo tswala mamello, ho iphapanyetsa diphoso ke yona tlotla ya hae.


Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!


Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.


Mashala a tswala leupa, patsi e hotetsa mollo, motho wa dikgang yena o fehla diqabang.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.


Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.


Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ