Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:8 - BIBELE

8 Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Leruo le lenyenyane le nang le ho loka, le molemo ho feta menono e mengata e nang le bokgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo;


Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.


Ho molemo ho ja moroho o fanwang ka lerato, ho ena le matshufu a fanwang ka lehloyo.


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.


Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang.


Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana.


Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Na nka iphapanyetsa matlotlo a bolotsana, le dikala tse qhekanyetsang, tse rohakehileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ