Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng.
Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng.
Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.
“ ‘Ka baka leo, hosasane le tla tliswa mona ka merabe ya lona. Morabe oo Morena a tla o kgetha, o tla atamela ka malapa a wona; lelapa leo Morena a tla le kgetha le tla atamela ka dihlooho tsa matlo a lona, mme ntlo eo Morena a tla e kgetha, banna ba yona ba tla atamela ka bomong.
Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”