Yaba Hamane o a kena. Kgosi ya re ho yena: “Ho etswe jwang ka motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla?” Hamane a bua ka pelo, a re: “E ka ba mang eo kgosi e ka thabelang ho mo tlotla, haese nna!”
Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.
Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.
Moikgantshi o tla kgothometseha a ba a we, ha ho na ya tla mo thusa ho mo emisa; ke tla hotetsa mollo motseng wa hae, o tla tjhesa tsohle tse mo potapotileng.”
Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!