Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:14 - BIBELE

14 Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kgalefo ya morena e jwaloka lenqosa la lefu, empa motho ya bohlale o tla e thoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faro a halefela basebeletsi bao ba hae ba babedi, e leng moqhatsetsi e moholo, le moapehi e moholo,


Kgosi ya ema e loloma ke bohale, ya siya mokete hoja ho nowa veine, ya ya ka serapeng sa ntlo ya kgosi. Hamane yena a sala, a kopa mofumahadi Esetere hore a mpe a baballe bophelo ba hae, hobane o ne a lemohile hore kgosi e mo reretse bobe.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.


Molomo o buang tse lokileng o thabisa dikgosi, dikgosi di rata motho ya buang nnete.


Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo.


Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela.


Basomi ba fehla moferefere, ba o fehla kahara motse, empa ba bohlale ba kokobetsa kgalefo.


Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela, tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona, hoba boikokobetso bo fedisa diphoso tse kgolo.


Yaba Daniele o kena kamoo kgosi e leng kateng, o kopa hore e mo fe nako, a tle a tsebe ho hlalosetsa kgosi toro ena.


Kgosi ya roma mmolai, ya mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Mmolai a ya, a mo kgaola hlooho tjhankaneng,


Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi.


Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ