Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:11 - BIBELE

11 Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.


Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena.


Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise.


“ ‘Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng.


Mohwebi o sebedisa sekala kala sa bolotsana, o bile o rata le ho qhekanyetsa.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


“Na ke tla lokolla ya nang le sekala se qhekanyetsang? Ke lopolle ya nang le sekala sa bolotsana, eo boima ba mokotla wa hae bo sa nepahalang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ