Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:10 - BIBELE

10 Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Molomo wa morena o bolela ditaba tsa nnete, ha a ahlola a ke ke a fosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo!’ ”


Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae.’


Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.


Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.


Ba etsa ditshepiso tsa bosawana, ba hlapanye ka leshano, ba etse le dilekane, kahoo ho hlaha dinyewe, nyewe tse ngatangata, di ke monatja o mela hara boleme.


Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!


Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ