Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:7 - BIBELE

7 Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:7
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao.


Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.


Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Ka tlung ya ya lokileng leruo le teng, empa ya kgopo leruo le mmakela ditsietsi.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona.


o tle o be le tlhalohanyo, molomo wa hao o rue tsebo.


Pelo ya ya bohlale e sekamela ho lokeng, pelo ya ya sethoto e sekamela bokgopong.


Mahe a dinotshi a rotha molomong wa hao, monyaduwa wa ka, tlasa leme la hao ho tswa lebese, le mahe a dinotshi, menkwane ya aparo tsa hao e ka ya Lebanone.


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo.


Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.


A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.


Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ