“Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona.
Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.
Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.