Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:28 - BIBELE

28 Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:28
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse.


Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.


Ya lokileng o bua puo tse thabisang, athe ya kgopo o tseba ho sokamisa ditaba.


Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona.


Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa.


Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.


empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ