Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:19 - BIBELE

19 Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.


Mpontshe tsela ya hao Morena, o ntsamaise mmileng o bataletseng, ka baka la ba ntaletseng.


Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Ho loka ha ba se nang molato ho lokisa tsela tsa bona, ba kgopo ba timetswa ke bokgopo ba bona.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.


Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona.


Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”


Meutlwa le maraba di tseleng ya ya kgopo, empa ya ipaballang yena o tla di qoba.


Sekgoba se re: “Tau ke ena ka tseleng! Tau ke ena diterateng!”


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


Hela! wena sekgoba, tsamaya o ye ho bohlwa! Hlahloba mekgwa ya bona, o tlo hlalefe!


di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.


Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ