Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:18 - BIBELE

18 Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.


Lehloyo le fehla moferefere, athe lerato lona le iphapanyetsa diphoso tsohle.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.


Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.


Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.


O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,


Ho ba le mamello ho ka sokolla kgosi; polelo e bonolo e fedisa manganga.


Mashala a tswala leupa, patsi e hotetsa mollo, motho wa dikgang yena o fehla diqabang.


Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.


Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela, tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona, hoba boikokobetso bo fedisa diphoso tse kgolo.


Ho lehlohonolo ba bopang kgotso, hobane ba tla bitswa bana ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ