Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:15 - BIBELE

15 Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho motho ya hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tshweu ke mokete wa kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko.


Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.


Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.


Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako.


Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.


Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.


Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.


Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ