Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:14 - BIBELE

14 Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke feta maqheku ka kutlwisiso, hobane ke boloka ditaelo tsa hao.


Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle.


Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.


Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla.


Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela.


Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ