Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:10 - BIBELE

10 Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”


Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.


Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”


hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae.


athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang?


kaha keletso ya ka le sa ka la e natsa, le kgalemo ya ka le sa e mamela;


kaha keletso ya ka ba sa e amohela, ba nyedisitse kgalemo ya ka yohle,


Ya mamelang ha a kgalengwa o tseleng ya bophelo, empa ya sa mameleng, yena o a kgeloha.


Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;


Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.


Morena o tseba tse ka Nqalong ya Bafu, le tse ka ho ya Timelo o a di tseba, a ka sitwa keng ho tseba makunutu a batho?


Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata.


O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?”


O tla re: “Ke ne ke hloile ho kgalengwa, ho ntshwa diphoso le hona ke ho hloile!


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.”


E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ