Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:8 - BIBELE

8 Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:8
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao.


O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao.


Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.


Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.


Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.


Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng.


O tla utlwisisa ho loka, ho tshepeha, le ho nepahetseng, o utlwisise le ditsela tsohle, tsela tsohle, tse lokileng;


Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.


Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi.


Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!


Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha?


Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”


Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.


Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ