Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.’ ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.
Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo.