Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:6 - BIBELE

6 Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao.


Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Paki e tshepahalang ha e ke e thetsa, empa ya bohata yona e bua leshano.


Sutha pela sethoto, hobane ho sona tsebo ha e yo.


Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso.


Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?


Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.


Sethoto ha se thabele ho ba le kutlwisiso, se thabela ho pepesa mehopolo ya sona.


Sethoto ha se utlwisise bohlale, ka kgotla se ke ke sa ahlamisa molomo.


Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.


Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona,


di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?


Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ