Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:22 - BIBELE

22 Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”


Empa Morena a re ho Davida, ntate: ‘Ke hantle ha o ile wa lakatsa ho nkgahela Tempele;


Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.


Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.


Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang.


ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola.


Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang.


Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya.


Mesebetsi yohle e na le moputso wa yona, empa ho berabera hona ho a futsanehisa.


Meharo e hlabisa motho dihlong; ho molemo ho futsaneha ho ena le ho bua leshano.


Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana.


O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ