Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:21 - BIBELE

21 Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:21
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.


O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.


“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.


Sethoto se nyedisa mohahabo sona, empa ya nang le kutlwisiso yena ke lethola.


Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.


Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.


Bokgopo bo tsamaya le ho tella, dihlong di tsamaya le ho nyatseha.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse;’ ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe.


Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ