Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:19 - BIBELE

19 Ba kgopo ba kgumama kapela ba lokileng, baetsadibe bona kapela kgoro tsa ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.


Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.


Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena.


Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Ya hlorisang lapa la hae a ke ke a rua letho, sethoto se tla fetoha kgoba la ya bohlale.


Lefa la ba se nang tsebo ke bothoto, athe moqhaka wa ba bohlale ke tsebo.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ba tla, ba inyatsa, ba ba ntsha tjhankaneng, ba nto ba kopa hore ba tlohe motseng.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ