9 Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa.
9 Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.
Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.
“Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?
ha bone la hae le ne le mponesetsa tsela, ka sedi la hae ke tsamaya le lefifing!
Ho ba pelo di ntle o ka lesedi le tjhabang lefifing; o mosa, o na le kutlwelobohloko, hape o lokile.
Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.
Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.
Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho.
Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.
ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa.
Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare.
Etlare ha ke o timetsa mahodimo ke a kwahele, dinaledi tsa wona ke di fifatse. Letsatsi le tla kwahelwa ke maru, kgwedi e se ke ya eba le ngwedi.
Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.”
“Yaba kgosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.’
Dithoto tsa re ho ba bohlale: ‘Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.’