Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:6 - BIBELE

6 Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.”


Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.


Akase a etsetsa medimo ya bohata ya Damaseka, mahlabelo, e leng yona e ntseng e mo timetsa, mme a re: “Kaha medimo ya dikgosi tsa Arame e di thusitse, le nna ke tla e etsetsa mahlabelo, e le hore e tle e nthuse.” Empa ke yona medimo eo e ileng ya mo timetsa, ya timetsa le naha yohle ya Iseraele.


Ho lehlohonolo ba metsamao e se nang kodi, ba tsamayang ka Molao wa Morena.


Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona.


Ke ya metsamao e se nang kodi, ya etsang tse lokileng; ya buang nnete e tswang pelong ya hae,


Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena.


Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.


Tsela ya Morena ke tshabelo sa ba lokileng, empa ba kgopo bona e a ba timetsa.


Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.


Ba tshepahalang ba tataiswa ke botshepehi ba bona, ba sa tshepahaleng bona ba timela, ba timetswa ke ho se tshepahale ha bona.


Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ