Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:20 - BIBELE

20 Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:20
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.


Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: ‘Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,’ o tle o se arabe tjena, o re: ‘Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.


Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.


Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate ba re: “Ruri enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo seohela. Jehoshafate a hlaba mokgosi,


Yaba o re ho Jehoshafate: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a re ho kgosi ya Iseraele: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao; dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”


Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane kamora lefu la ntatae, ba lelapa la Akabe ba ile ba mo kgothaletsa ho etsa bobe bo ileng ba mo isa timelong.


Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.


Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe.


Sutha pela sethoto, hobane ho sona tsebo ha e yo.


Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale.


O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,


esere wa ithuta mekgwa ya sona, yaba le wena o a tshwaswa.


Ntlo ya sona ke tsela e isang lebitleng, ke mmila o isang Nqalong ya Bafu.


Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.


Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ