Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:16 - BIBELE

16 Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.


Ya nang le kutlwisiso o ruile bohlale, le hara dithoto bo a itotobatsa.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Sethoto ha se thabele ho ba le kutlwisiso, se thabela ho pepesa mehopolo ya sona.


Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.


ha se bua se ye se qale ka ho phorohla, se qetelle ka ho pota sa motho wa mapokaetsi.


Sethoto se tsamaya tseleng se se na kelello, bohle se ba bolella hore dithoto ke bona.


Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha, o tla tlotlwa, a thoholetswe, a phahamisetswe tulong tse hodimo.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ