Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:12 - BIBELE

12 Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iseraele a re ho Josefa: “Jwale nka shwa, hobane ke bona sefahleho sa hao o sa phela.”


Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.” Yaba ke tshoha haholo.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.


Tholwana ya ho loka ke sefate sa bophelo, ya bohlale yena o hapa meya ya batho.


Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha.


Ya nyefolang dikeletso o tla timela, ya bolokang molao o tla amohela moputso.


Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe.


Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.


Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa.


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


Bohareng ba lebala la motse oo, dipakeng tsa makala a mabedi a noka, ho metse sefate sa bophelo, se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi ka selemo, e leng hanngwe ka kgwedi e nngwe le e nngwe, mme mahlaku a sona a phekola ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ