Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:11 - BIBELE

11 Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:11
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Menono o a e metsa, o bile o a e hlatsa, Modimo o a mo hlatsisa, o kgofa mohodu wa hae.


O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho.


Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung.


Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.


Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.


Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa.


Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang le leraba la lefu.


Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo, athe ya potlakelang ho rua, kotlo o tla e fumana.


Ya mahlo a matsho o potlakela leruo, ha a nahane le hore bofuma bo tla mo wela hodimo.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


kapa ka bomadimabe ebe le a senyeha, mora hae a qetelle a sa fumana lefa.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ