Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:4 - BIBELE

4 Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mosadi ya kgabane ke moqhaka ho monna wa hae; empa ya hlabisang dihlong o jwaloka ho bola masapong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi ya hlokang boitshwaro leha a le motle, o jwaloka sale la kgauta nkong ya kolobe.


Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.


Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae.


Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho.


Ya inyaletseng mosadi wa sebele o lehlohonolo, ya jwalo Morena o mo hauhetse.


Ho molemo ho iphelela hara lehwatata, ho ena le ho phela le nkwapo, mmadikomang.


Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe.


le moshejwahang ha a nyalwa, le lekgabunyane le jang lefa la monga lona.


“Basadi ba bangata ke basadi ba kgabane, empa wena kaofela o a ba feta!”


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna,


Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae.


Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ