Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:25 - BIBELE

25 Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Maswabi a fifatsa pelo ya motho; empa puo e molemo e a e thabisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maqeba a ka a a nkga, a phephetha boladu, ka baka la bothoto ba ka.


Ke robehile ditho ke ho tlakwa ke dira tsa ka, ha kamehla di ntse di re ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.


Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang.


Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona.


Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko.


Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Ho tadima motho hantle ho thabisa pelo ya hae, taba tse molemo di mo tsosa molota.


Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.


Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.


Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang?


Polelo e builweng ka nako ya yona e ka apole tsa kgauta ka sejaneng sa silefera.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Jwale Morena a kgothatsa lengeloi le neng le bua le nna, a le tshedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ