Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:24 - BIBELE

24 Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bona hore ho phomola ho monate, le hore naha e a kgahleha; a sekamisa lehetla la hae ho jara, a sebeletsa monga hae e le lekgoba.


Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa.


Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.


le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona.


Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae.


Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala.


Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Empa yare ha Baiseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba, feela ba se ke ba ba leleka ho hang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ