15 Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso.
15 Tsela ya lewatla e lokile mahlong a lona; empa ya amohelang keletso o bohlale.
Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,
Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.
Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.
Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.
Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.
Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae.
Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.
Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo.
Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.
Sekgoba se ithetsa ka ho re se bohlale, ho feta banna ba supileng ba nang le kelello.
Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae.
O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.
Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona.
Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.
Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.
Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.