Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:14 - BIBELE

14 Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka tsa molomo wa hae motho o tla kgora molemo; mme motho o tla putswa ka seo matsoho a hae a se sebetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae.


Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


kahoo ba tla kotula seo ba se jetseng, ba kgore ditholwana tsa ditakatso tsa bona.


Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa.


Motho ya kgopo o ahlolelwa melato ya hae, ya lokileng yena o putsetswa diketso tsa hae.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”


Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.’ ”


Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso.


Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ