Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:13 - BIBELE

13 Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle,


Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle.


Baikgohomosi ba ke ke ba ema pela sefahleho sa hao; o hloile bohle ba etsang tse sa lokang.


O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona.


Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela.


Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.


Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing.


polelo tsa hao di tla o tshwasa, mantswe a hao a o etsetse leraba.


Molemo ke ho itshwarella ka polelo ya pele, le ya bobedi o se ka e nyahlatsa; ya tshabang Modimo o phema tsietsi tsena bobedi!


Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ