Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:11 - BIBELE

11 Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:11
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho.


Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi.


Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa.


Mesebetsi yohle e na le moputso wa yona, empa ho berabera hona ho a futsanehisa.


Moo kgomo di leng siyo sejelo ha se na letho, tjhai e ba ngata ka matla a dipholo.


Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai.


Bese la dipodi le tla o lekana, e be dijo tsa hao le tsa lapa la hao, o fepe le makgabunyane a hao.


Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo; ya pheellang mafeela o tla futsaneha haholo.


Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae;


Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso,


Bothoto bo ka mosadi, mosadi ya lerata haholo: Ha a tsebe letho, ke tseketseke.


O re: “Kenang le mona lona ba se nang tsebo!” O rialo ho ba hlokang kelello.


Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.


“Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau.


Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.


leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.


Ba nea Abimeleke ditjhelete tse mashome a supileng tsa silefera, tse neng di etswa ka tempeleng ya Baale-Berite. Ka tjhelete ena a hira banna ba dikweta, mme bao ba mo latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ