Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:5 - BIBELE

5 Ho loka ha ba se nang molato ho lokisa tsela tsa bona, ba kgopo ba timetswa ke bokgopo ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Mehato ya hae e hwantang e tla therekela, a kudupanngwe fatshe ke masene a hae.


Banna bana ba emetse lefu la bona, ba itjhehetse leraba ka bobona.


Ba tshepahalang ba tataiswa ke botshepehi ba bona, ba sa tshepahaleng bona ba timela, ba timetswa ke ho se tshepahale ha bona.


Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa.


Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.


Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.


Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela.


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.


Boikgohomoso ba Iseraele bo a mo ahlola, Iseraele le Efraime ba tla kgothometseha, ba be ba we ka baka la bokgopo ba bona, Juda le yena a we le bona.


Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ