Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:4 - BIBELE

4 Kgalefo ya Modimo e ke ke ya fediswa, ya fediswa ke maruo a motho, empa ho loka ho lopolla motho lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.


Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma.


Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung.


Tsela tse lokileng di isa bophelong, di kutlehile hantle, ha di ise timelong.


Poulelo e halefisa monga mosadi, ha a iphetetsa ha a qenehele letho;


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.


Ba tla akgela silefera ya bona diterateng, kgauta ya bona ba e nyonye. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona le kgauta ya bona di ke ke tsa ba lopolla; meya ya bona e ke ke ya kgotsofala, le mala a bona a ke ke a kgora letho, hobane tsena ke tsona tse ba dihetseng sebeng.


Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.”


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


Ha e le mona, ka tshito ya motho a le mong, e leng Adama, lefu le qadile ho busa ka baka la motho eo a le mong feela, ba amohelang mohau o mongata le mpho e kgolo ya ho loka, bona ba tla busa ho feta hakaakang bophelong, ka baka la motho a le mong, Jesu Kreste!


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ