Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:20 - BIBELE

20 Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.


Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe.


Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae.


Ho lehlohonolo ba metsamao e se nang kodi, ba tsamayang ka Molao wa Morena.


Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana.


Ke sitetswe wena, wena o inotshi, ke entse bobe mahlong a hao. Ho loka ha hao ho tla bonahala ha o ahlola, le ho hloka kodi ha hao ha o diha nyewe.


Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa, ba lokileng bona ba pheme kahlolo.


Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa.


Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.


Dithoto di tadima sebe e le papadi, ba lokileng ba tseba molemo wa poelano.


Mehopolo ya ya kgopo ke manyala ho Morena, polelo tsa ya lokileng tsona di kgahlisa Morena.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.


Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.


Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.


o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.


Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.


“Ya layang mosomi o ipiletsa mahlapa, ya kgalemang ya kgopo o ipiletsa ho tlontloloha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ