Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:17 - BIBELE

17 Monna ya mohau o iketsetsa tse molemo, athe ya sehloho yena o a itshitelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye.


Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, ya hloileng tjotjo yena o tla phela.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa.


fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ