Yaba mahosana wohle a fihla ho Jeremia, a a mmotsa, mme Jeremia a a araba ho ya kamoo kgosi e mmoleletseng kateng. Mahosana a kgutsa, kahobane ho ne ho se ya ileng a utlwa seo Jeremia a se buileng le kgosi.
Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.
Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”