12 Sethoto se nyedisa mohahabo sona, empa ya nang le kutlwisiso yena ke lethola.
12 Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa.
Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!”
Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.
Ho hlohonolofatswa ha ba lokileng ho haha motse, athe leme la ya kgopo lona le a o timetsa.
Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, ya tshepahalang yena o na le sefuba.
Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.
Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae;
Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.
Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:
Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.
Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: ‘Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang?’ Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.”
Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.