Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:10 - BIBELE

10 Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:10
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora hoba Ataleya a bolaelwe pela ntlo ya kgosi ka sabole, setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso.


A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso, kamora hoba Ataleya a bolawe ka sabole.


Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”


Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”


Ho hlohonolofatswa ha ba lokileng ho haha motse, athe leme la ya kgopo lona le a o timetsa.


Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.


Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala.


Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,


Lehodimo le lefatshe le tsohle tse ho lona, di tla bina, di thabele ho hlolwa ha Babilona, hobane batupi ba tla e futuhela, ba e futuhele ba etswa Leboya,” ho rialo Morena.


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ