Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:4 - BIBELE

4 Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya letsoho le botswa o tla fumaneha, empa letsoho la sekgothadi le tla se ruisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona letsatsi leo bahlanka ba Isaka ba tla ho yena, ba mmolella ka sediba seo ba se tjhekileng, mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.”


Ya bokellang dijo hlabula ke ngwana ya bohlale, ya robalang ha ho kotulwa o hlabisa dihlong.


E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele.


Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba.


Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi.


Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala.


Tsoho la ya botswa le hanella ka sejaneng, o tswafa le ho le isa ka hanong la hae.


Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai.


Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.


Merero ya ya mafolofolo e mo tlisetsa nala, lepotlapotla lona le ikisa bofumeng.


Bokgoba bo etsa hore maballo a ntlo a kobehe, ha matsoho a sa tshware, ntlo eo e ye e nele.


Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ