Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:32 - BIBELE

32 Ya lokileng o bua puo tse thabisang, athe ya kgopo o tseba ho sokamisa ditaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho hlohonolofatswa ha ba lokileng ho haha motse, athe leme la ya kgopo lona le a o timetsa.


Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.


Polelo tsa ya kgopo ke maraba a ho bolaya, empa tsa ya lokileng tsona di a pholosa.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa.


e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe,


Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao.


Motho e mobe, ya kgopo, o tsamaya a fefetha leshano;


Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;


A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ